Dithoko tsa Bataung ba ha Sefatsa

Ke Motaung wa Sefatsa sa Tshukudu,Motho eoe reng ha a tla shwa a pongwe hlooho,A sale a kunyakunya ka mahetlana. Kapa ho thwe Ke Motaung wa Sefatsa sa Tshukudu,Ngwana Mmamokhokhothwane Ribana,Ribana ke waboMmangwejane le Peo,Ke ngwana Mmathulo le hlanola pheha,Hlanola pheha ba senno ho o bona.

Dithoko tsa Bafokeng ba ha Modise

Hetli, o hetlang pereng tsa batho?O hetla eng kamora disale?O hetla nama tsa mefuta esele;Mora Mpedi, leshodu la nama,Ha le sa mo fe etlabesale a hetlile. Mofokeng, motho wa Modise,Modise wa melatjana,Koloti e tona, seetalla;Mmotho wa tlapa ha le ribollwe,Wa leribolla wa bona mehlolo. Kapa ho thwe Ke Mofokeng wa ha Modise,Wa ha Molatswana,Motho wa …

Bala haholwanyane

Dithoko tsa Bahlakwana

Ke Mohlakwana wa Mmanapo a Mosito,Bahlakwana le ba etele mariha,Hoba hlabula ba futswella matlung.Ke batho ba sa jeng sengwathwana,Ba ja polokwe kaofela.Mabewana abo Kadia Tsholo, maila ho ngwathelwa,Maila kgwantjhana ya maobane.Bahlakwana ha le batho, le baloi,Bahlakwana le bina pina bosiu. Kapa ho thwe Ke Mohlakwana wa MmaPholo a Disema,Maila ngwathwana sa maobane,Motho eo e reng …

Bala haholwanyane

Dithoko tsa Bakubung

Ke Mokubung wa Mohlamatsana,Mohloka-kodi, mo-tseba-tsa-ba-bangMotho wa Leswetsa la maitjadi,Mohale, mo-tswa lehlakeng,Motho wa mokopu o motolodi,Le o ntshe masimong. Kapa ho thwe Re batho ba ha Mahwete,Re batho ba bodiba bo botala ha bo okamelwe,Ekare ha o bo okamela,O ka wela ka mahlwana le ditsejana,Kubu hohomosa marete re bone,Kubu ha o e ame mo patleng,Ha o …

Bala haholwanyane

Dithoko tsa Bakgatla

Mokgatla wa Seodi sa ha Mmamathe,Sa ha Masopha, Lesolla,Ntsukobokobo, Letlakapipi,Sejakgomo-ka-mmoho, se-ila-moswang,Seoka, seokaoka se le hodimo,Seutla se marantha,Se okametse Basotho le Matebele,Motho wa metsi.Molala-sepela, a sesela dikwena,Mokgatla ka ho ikgatla hanngwe,Motho wa majarasebera,Mokgatla wa ba kgatla ba kgabang,Ka ho ikgatla ka mokgatlo wa Bokgatla,Bakgatla, kgatlanang le Bakgatla babo lona! Kapa ho thwe Ke Mokgatla, Moananong,Motho wa …

Bala haholwanyane