Dithoko tsa Basia
Ke Mosia Motubatsi,Wa Mmatshele wa Lebajwa la Nkwanyane,Ha ke le wa Tshele, nka tshella mang?Wa mmamokgomo phatshwa, sewehla,Wa ntshang thebe di ome,Di se nna di oma mokgwabo tlung. Kapa ho thwe Ke Mosia Motubatsi,Motho wa ha mantsha thebe di ome,Di se nna di omela mokgabo tlung,Di omele ka ntle mabaleng.Moya o hlaha kae?O hlaha konkong,Pakeng …
Dithoko tsa Banareng
Monareng wa ha Tswedipa Matshwele,Tswedipa, ba re ya eja Lekgolela,Modimo wa Shekeshe o na le matla,A na tlohela podi ha tlolela thotolo,Ho tjho boModikwe le Motohwana. Nare re e bona ka bohlaha,Manaka a teng a emetse ntwa,A emetse ho e hlanaka.Nare e sebete ka boholo ba yona,E bohala ka ho fula jwang. Kapa ho thwe …
Dithoko tsa Bataung ba ha Hlalele
Ha o ana Tau, o ana sebata,O ana phoofolo e sa jeweng,Tau apola ka mahlong re bone.Ke motho wa ha Hlalele,Motho wa Mmadifalana Kwena,Wa matshola nku e folle mokekeng,E se nna e folla difalaneng. Kapa ho thwe Ke Motaung, namane e tshehla,Ngwana lebese la kgomo,Ralepetu mora Hlalele.