Maele le dikapolelo ka ho lwana

  • Ntwa ke ya madulammoho – Batho ba dulang mmoho ba atisa ho ba le diqwaketsano mona le mane, tse sa qhaleng kamano ya bona.
  • Ho nkgisetsana mahafi – Ke hona ho lwana ha ho hlodiswana tlhodisanong e itseng.
  • Ho qothisana lehlokwa – Ntwa ya tlhodisano, e ka ba ntwa ya kelello kapa maikutlo.
  • Taba di naka tsa tshephe – Ntwa e ka kupa neng kapa neng, ditaba di mpe haholo.
  • Habo boi ha ho lluwe – Ke hore ha o le boi ha o kene ntweng ha bonolo, mme ka hona bophelo ba hao bo bolokehile.
  • Ho boya sekwele – Ho kgutlela ntweng ka matla a maholo a fetang a pele.
  • Ho kgantsha diphaka – Ho rata ho lwantsha batho ba bang, haholoholo ha o nwele jwala.
  • Ho mo etsang, o sa mmopa – Ho otla motho hoo e reng batho ha ba mmona ha utlwe ba hloletswe.
  • Ho etsa motho haephetwe – Ho otla motho kotlo e tswileng matsoho.
  • Ho dula motho ka mmetso – Ho kgama motho qoqothong / molaleng.
  • Dikgomo di hapuwa ka dihlwela – Dinakong tsa ntwa ho hlokahala hore ho be teng dihlwela.
  • Tsie di jana seropong – Ntwa, dikgohlano kapa diqhwebeshano, ekaba tsa lelapa kapa tsa batho ba dulang mmoho.
  • Ho lwana ntwa ya kgumamela – Ho lwana ntwa e kgolo ka bokgabane bo boholo.
  • Ntwa e ngangetse – Ntwa e lwanwang e se e le mpe haholo.
  • Taba di hlabile tlou – Ke hore ho se ho le hobe ho ka lwana neng kapa neng.
  • Ho lwana e mahlomafubedu – Ke ha ho lwanwa ntweng e kgolo e tshosang.
  • Ba tutlanela morao – Ba tswela pele ka ho lwana.
  • Ntwa ke masitise – Ke ha ntwa e le boima.

Leave a Comment