Nalane ea Bafokeng

Bafokeng ke se seng sa ditjhaba tsa boholoholo, tse theohetseng Afrika e borwa ho tswa matsheng a maholo a Afrika bohareng. Ho dumelwa hore e ka nna yaba ba ne ba tloha Egepeta kapa Ethiopia. Mofokeng wa pele ke Mopedi-Moholo, ya tswalang Tlake. Tlake yena a tswala Napo le Kwena. Bafokeng ba ile ba phela …

Bala haholwanyane

Nalane ea Batloung

Ho ya ka nalane e phetwang Botswana Batloung ba kgephohile ho Barolong. Sena se boela se amahanngwa ka hore ditjhabana tse ngata tsa Barolong ha di tjeka di etsisa tlou. Ditlaleho di supile hore hore Batloung ba ne ba fumaneha ka leboya ho Bapedi, mme bona ba ne ba jala kwae e ntle hahoholo eo …

Bala haholwanyane

Nalane ea Batlokwa

Batlokwa ba tswalwa ke Kgwadi, mora wa bone wa morena Tabane. O ile a tsebahala haholo lelokong la Mathulare. Ba tlohile le Bapedi, mme tseleng ba kopana le Maswazi a ileng a ba fa lebitso la Abashunto. Sethathong ba ne ba se na phoofolo eo ba ikanang ka yona. Ba ne ba ikana ka moholo …

Bala haholwanyane

Nalane ea Bataung

Bataung ba ka ba mekga e mene. Mekga e mmedi ya pele ke e thehilweng ke Thulwane. Wa boraro le wa bone ke ya bara ba Tshukudu. Sethathong mekga ena yohle e ne e ana tau. Mekga e mmedi ya pele e ntse e bolokile letshwao la tau e le leo ba ipitsang ka lona. …

Bala haholwanyane

Nalane ea Batshweneng

Batshweneng ba Kgiba ba qadile ho bonahala mabopong a noka ya Tugela. Kgiba ke mora Lekokoto, setloholo sa Ntsimane. Ka mora ho phela nakwana le Batlokwa Batshweneng bana ba ile ba fallela sebakeng se thabeng ya Kurutlele, e sebakana feela ho tloha moo Bafokeng ba Patsa ba ahileng teng. Batshweneng ba ana tshwene. Ke phoofolo …

Bala haholwanyane

Nalane ea Makgolokwe

Makgolokwe a tswalwa ke Kgetsi, mora wa bobedi wa Mathulare. Makgolokwe a ne a ahe motse wa bona tlasa thaba e bitswang Thaba-Kgolokwe, seterekeng sa Standerton. Ba ikgethetse ho ikana ka noko (tubatse), eseng tshwene (kgatla) jwaloka baholo ba bona. Ha ba le Thabakgolo karolwana ya Batlokwa, e laolwang ke Motonosi, e ile ya tla …

Bala haholwanyane

Nalane ea Bakubung

Bakubung bana ba ipitsang Dihoja ke lekala la Barolong le Bahurutse ba neng ba dula mabopong a noka ya Molopo. Ba thehilwe ke Mabula, eo lebitso le leng la hae e leng Sehoja. Ke ka hoo Bakubung bana ba ipitsang Dihoja. Ba ana kubu. Kubu ke phoofolo e phelang metsing le lefatsheng le ommeng. Ha …

Bala haholwanyane

Nalane ea Baphuthi

Baphuthi ba kenelletse hara naha ba tswa thabeng e bitswang Sentlolobe, moo pejana ho kileng ha phela morena Langalibalele. Ba tlohile ka mora tseko ya sefifi sa phofu pakeng tsa morena le Dlamini, ntatemoholo wa Titi (Thokothoko). Ba fumane Maphuthing a Tsuane a se a ntse a ahile mabopong a noka ya Namahadi. Ba ithuta …

Bala haholwanyane