Dithoko tsa Bafokeng ba ha Mamphane

Ke Mofokeng, Ngwana kgomo e tshwana,Kgomo ya seema-ka-lelebe thoteng,Ya nna ya hlaba mangope ho heleha,Ke Lemphane, Ke ngwana kgomo e tshwana,Ya ho ema thoteng,Motho wa Mmamosonotsokotsa,Motho wa Mmanywana,Motho wa Mmamalebe!

Dithoko tsa Bafokeng ba ha Modise

Hetli, o hetlang pereng tsa batho?O hetla eng kamora disale?O hetla nama tsa mefuta esele;Mora Mpedi, leshodu la nama,Ha le sa mo fe etlabesale a hetlile. Mofokeng, motho wa Modise,Modise wa melatjana,Koloti e tona, seetalla;Mmotho wa tlapa ha le ribollwe,Wa leribolla wa bona mehlolo. Kapa ho thwe Ke Mofokeng wa ha Modise,Wa ha Molatswana,Motho wa …

Bala haholwanyane