Dithoko tsa Bafokeng ba ha Modise

Hetli, o hetlang pereng tsa batho?
O hetla eng kamora disale?
O hetla nama tsa mefuta esele;
Mora Mpedi, leshodu la nama,
Ha le sa mo fe etlabesale a hetlile.

Mofokeng, motho wa Modise,
Modise wa melatjana,
Koloti e tona, seetalla;
Mmotho wa tlapa ha le ribollwe,
Wa leribolla wa bona mehlolo.

Kapa ho thwe

Ke Mofokeng wa ha Modise,
Wa ha Molatswana,
Motho wa ha Kgetsi ya Maleke,
Motho wa ha Sekono, seholokela noto.


Leave a Comment