Dithoko tsa Bafokeng ba ha Modise
Hetli, o hetlang pereng tsa batho?O hetla eng kamora disale?O hetla nama tsa mefuta esele;Mora Mpedi, leshodu la nama,Ha le sa mo fe etlabesale a hetlile. Mofokeng, motho wa Modise,Modise wa melatjana,Koloti e tona, seetalla;Mmotho wa tlapa ha le ribollwe,Wa leribolla wa bona mehlolo. Kapa ho thwe Ke Mofokeng wa ha Modise,Wa ha Molatswana,Motho wa …