Ditoro ka mollo

Ho lora mollo kapa malakabe ho dumelwa e le letshwao le lebe bokamosong ba hao. Ho ka bolela ha kgalefo kapa ho ekwa ho tla ho o tobile. O ka lahlehelwa ke dintho tse bohlokwa haholo, kapa hona ho kula le ho hlokahala. Ebang e le wena ya hotetsang mollo o moholo ho ka bolela …

Bala haholwanyane

Ditoro ka lenyalo

Ha o ka lora o nyala haholoholo o le monna hoo ho ka bolela bomadimabe. Ho ka bolela hore o tlo hlahelwa ke kotsi kapa lefu bophelong ba hao. Ebang e mong a kula kapa a hlaha a qhwadile torong moo ho ka bolela hore lenyalo la hao le tla hloka thabo, le be bosula. …

Bala haholwanyane

Ho lora sethunya

Ha o lora sethunya toro eo e ka bolela hore tsietsi e kgolo e ka nna ya eba tseleng, ebang o se o ntse o se ka hara tsietsi. Ha o ka utlwa sethunya se thunya kulo e tswa, ho kula kapa ho lwana ho ka etsahala bophelong ba hao haufinyana. Ebang e le wena …

Bala haholwanyane

Ditoro ka bonono

Ha o lora o taka ho hong, ho bolela hore o tlaba motaki ha o hola, kapa ka letsatsi le leng. Empa ha o penta torong ho bolela letshwao le lebe, hobane lelapa la heno kapa la hao le ka wela ke tsohleho ha nako e ntse e tsamaya.

Ditoro ka bafu

Ha o lora bafu ho atisa ho bolela bomadimabe bakeng sa hao. Ha ba hlaha moo torong ba ntse ba phela ho bolela hore ho na le koduwa e tlang bophelong ba hao. Ha e le bafu ba amanang le wena ho bolela hore o lokela ho emisa le ho tlohela dintho tse mpe tseo …

Bala haholwanyane

Ditoro ka lefu

Ha o lora o hlokahetse ho atisa ho bolela hore o tla atelwa ke mahlohonolo haufinyana haholo. O ka nna wa nyala kapa wa nyalwa ke morui kapa wa ba dikamanong tsa marato tse mofuthu, tse monate.

Ditoro ka nama e tala

Ha o lora nama e tala ho ka bolela hore sera sa hao ho tsa marato se a o loya. Ebang o sa tswa nyalwa ho ka bolela hore badimo ha ba o amohela hantle lelokong la heno le le tjha.

Ditoro ka dinoha

Ha o lora noha ho ka bolela bomadimabe bophelong le bokamosong ba hao. Ho ka bolela hore badimo ba o halefetse, kapa ho na le motho ya tlo o qhekella, a o eka, haholoholo ha noha e ka o loma. Dinoha tse fapaneng di ka ba le meelelo e fapaneng ditorong: