Ditoro ka tahleho

Ha o lora o lahleha ke toro e mpe, e ka bolela dintho tseo o sa di etseng hantle tse ka o bakelang mathata. Ho lora o lahleha ho tswa ka hore o sebakeng se fe:

  • Ha o lahleha sebakeng seo o sa se tsebeng ho ka bolela hore badimo ba hao ba a o hloka, o moo o sa tlamehang e be o teng.
  • Ha o lora o lahleha o le tseleng e yang lapeng ho ka bolela hore o tla kopana le diphephetso tseo o senang maqheka a ho di feta.
  • Ha o lora o lahleha o tsamaya tseleng e telele thoteng ho ka bolela hore o tlo kopana le mathata a tjhelete.
  • Ha o lora o lahleha sebakeng se kwetsweng o ka tobana le tlontlollo, ntho eo o sebetsang ka yona e senyehe.
  • Ha o lora o lahleha morung, ho ka bolela hore o ferekane, o tsielehile ka mathata ao o kopaneng le ona, mme ha o tsebe hore o a rarolle jwang.
  • Ha o lora o lahleha sebakeng se lefifi mme o sa kgone ho tswa, ho ka bolela hore o bodutu, mme o bona batho ba sa kgathatsehe ka wena.
  • Ho lora o lahleha sepetlele, ho ka bolela hore wena kapa e mong wa lelapa o tla kula.

Ka nako tse ding ha o lora o lahleha ho ka bolela hore merero ya hao e kginnwe, mme ho tlaba thata ho fumana katleho. Ha o lora motho eo o mo tsebang a lahlehile ho ka bolela hore motho eo o na le mathata, mme o lokela ho mo thusa.

Leave a Comment