Ditoro ka tsamaya ka sekepe
Ho lora o tsamaya ka sekepe ho bolela hore o tla bona mafatshe o be o atlehe. Ha o bona motataisi ho ka bolela tshepo hara mathata, ha sekepe se teba ho ka bolela madimabe.
Ho lora o tsamaya ka sekepe ho bolela hore o tla bona mafatshe o be o atlehe. Ha o bona motataisi ho ka bolela tshepo hara mathata, ha sekepe se teba ho ka bolela madimabe.
Ha o lora o palame ho hong ho atisa ho bolela kgonahalo ya ho atleha bophelong, maratong le mosebetsing. Ho hlwa lefika o fihela ka hodimo ho bolela ho fihlella ditoro tsa hao, ha ho wa kapa ho palama o shebetse morao ho ka bolela ho phoqahala.
Ha o lora o palame sekepe, mme metsi a teng a kgutsitse, ho bontsha hore o tla tlelwa ke thabo le katleho bophelong. Empa ha metsi ao a le bohale, o lokela ho hlokomela diphephetso le bomadimabe.
Ha o lora o le ka hara bese ho atisa ho lemosa ka leeto le tlang kapa merero ya hao ya maeto.
Ha o lora o palame pere ntle le ditomo, ho bolela hore o tla kopana le ho se thabe le ho phoqahala bophelong ba hao.
Ha o lora o lahleha ke toro e mpe, e ka bolela dintho tseo o sa di etseng hantle tse ka o bakelang mathata. Ho lora o lahleha ho tswa ka hore o sebakeng se fe: Ha o lahleha sebakeng seo o sa se tsebeng ho ka bolela hore badimo ba hao ba a o …
Hangata ha o lora mmapa ho bolela hore o kgalla le ho lakatsa ho tsamaya o etele dibaka tse ntjha tseo o so ye ho tsona.
Ho lora dithuthuthu ho atisa ho kenya matla, tswelopele le ho nka diqeto. Meelelo e metle Ho lora o palame sethuthuthu ho ka bolela hore o tshireleditswe ke badimo kapa matla a maholo. Ha o lora o palame sethuthuthu ke letshwao le letle le bolelang hore o tla atleha ho seo o se etsang, mme …
Ha o lora o tsamaya phakising thoteng ho atisa ho bolela bophelo bo botle le ho phela nako e telele. Empa ha o ka lahleha, o hlahlathela ho ka bolela diphephetso le madimabe.
Ha o lora o palame sefofane, ho ka bolela hore o tla ya hole ka bophelo, empa ho na le dintho tse ding tse ka etsahalang, jwalo ka ho shwahlamana, tse kang etsang mathata le ho hlonama haholo bophelong.