Ditoro ka dibaesekele
Ha o lora o palame baesekele e ka ba letshwao le letle bakeng sa ka moo o leng ka teng semelong le bokgoning ba ho nka diqeto. Ho sisinya hore ho na le kgonahalo ya hore o ka ya hole ka bophelo.
Ha o lora o palame baesekele e ka ba letshwao le letle bakeng sa ka moo o leng ka teng semelong le bokgoning ba ho nka diqeto. Ho sisinya hore ho na le kgonahalo ya hore o ka ya hole ka bophelo.
Ha o lora tsela / mmila ho atisa ho bolela katleho bophelong. Ha o bona letshwao la tsela, ho bolela hore keletso e ntle e tseleng, mme o loekla ho e lemoha.
Ha o lora seketswana ka metsing ho atisa ho bolela lehlohonolo, ha fela seketswana se sa tetebele.
Ditoro ka ho matha di arotswe ka mekgahlelo e mmedi, mme di ka bolela mathata kapa katleho. Sheba ditlhaloso tse latelang: Katleho le Phihlelo Ha o lora o matha ho fihlela o fihla moo o yang, ho bolela botle, o lebelle lehlohonolo. Ho ka bolela hore ditoro tsa hao di tla phethahala. Mme ha o …
Ha o lora o palame tekesi, ho ka bolela hore o tla kula haufinyana. Ha tekesi e o siya, motho ya haufi le wena a ka tobana le mathata le maima.
Diterene di atisa ho bolela maeto a bophelo, tswelopele le dikgokahanyo sa semoya. Meelelo e metle Ha o lora o ysamaya ka terene ke letshwao le letle le bolelang tswelopele eo o ntseng o e etsa. Ka nako tse ding ho ka bolela hore o tlo kopana le motho eo o mo qetetseng kgale haholo. …
Ha o lora o palame letoroko kapa kariki ho ka bolela bomadimabe bo tlang bophelong ba hao. O ka lahlehelwa ke ntho tse nang le boleng, wa ba setshehisa, wa swaba. Ho ka mpefala ho feta ha letoroko leo le hulwa ke koloi. Empa ha torong moo o hulwa ke batho ba bangata ekaba botle …
Ha o lora o tsamaya kaekae, ho ka bolela letshwao le lebe. O ka sotleha, mme wa kopana le mathata dikamanong le batho ba bang, haholoholo ebang o le ditshila moo torong.
Ha o lora o le mopalami ka koloing e jahileng, e manollwa e le letshwao le letle la katleho le lehlohonolo. Empa ha e le wena ya kgannang koloi ho ka bontsha ho tlo lahlehelwa ke tjhelete ha nako e ntse e tsamaya.