Ditoro ka ho matha

Ditoro ka ho matha di arotswe ka mekgahlelo e mmedi, mme di ka bolela mathata kapa katleho. Sheba ditlhaloso tse latelang:

Katleho le Phihlelo

Ha o lora o matha ho fihlela o fihla moo o yang, ho bolela botle, o lebelle lehlohonolo. Ho ka bolela hore ditoro tsa hao di tla phethahala. Mme ha o matha o le mong tseleng e otlollohileng ya sekontiri, ho ka bolela hore o sebetsa ka thata hore o fihlella moo o batlang ho fihla. Ha o lora o matha empa o tsamaya o kopana le ditshitiso tseleng ho bolela hore o tla fihella moo o yang le ha o kopane le diphephetso.

Diphephetso le Ditshitiso

Ha o lora o matha empa o sa fihlele moo o yang, ho ka bolela hore o lokela ho hlatsuwa hore o tloswe bomadimabe, hore o kgone ho atleha. Ha o matha, o be o wa, ho ka bolela hore ntho e neng e lokela ho etsahala ha e etsahale, kapa e tla fela ka pelenyana. Ha o lora o matha seretseng kapa lefifing ho ka bolela hore ho tlaba thata hore o atlehe.

Ha o lora o matha thabeng ho ka bolela hore o ke ke wa atleha pele o lokisa diphoso tsa hao tse entsweng ke lelapa leno. Ha o matha lehwatateng ho ka bolela kgohlano ya hao le badimo ba hao.

Ha o lora o matha nqa e le nngwe ho bolela hore o tla rera empa dintho tseo o di rerang di ke ke tsa fihla moo o batlang di fihle.

Kgohlano le Tlhodisano

Ha o lora o lelekiswa ha o matha ho ka bolela hore o tobane le dira kapa bao o hlodisanang le bona, mme ba batla dintho tseo o di batlang.

Leave a Comment