Ditoro ka dikepe

Ha o lora o palame sekepe, mme metsi a teng a kgutsitse, ho bontsha hore o tla tlelwa ke thabo le katleho bophelong. Empa ha metsi ao a le bohale, o lokela ho hlokomela diphephetso le bomadimabe.

Ditoro ka dibaesekele

Ha o lora o palame baesekele e ka ba letshwao le letle bakeng sa ka moo o leng ka teng semelong le bokgoning ba ho nka diqeto. Ho sisinya hore ho na le kgonahalo ya hore o ka ya hole ka bophelo.

Ditoro ka sefofane

Ha o lora o palame sefofane, ho ka bolela hore o tla ya hole ka bophelo, empa ho na le dintho tse ding tse ka etsahalang, jwalo ka ho shwahlamana, tse kang etsang mathata le ho hlonama haholo bophelong.

Ditoro ka sepatjhe

Ha o lora sepatjhe sa hao se sena letho, o hlokomelo hobane ho ka etsahala hore ho be le motho ya o qhekanyetsang. Ha o lora sepatjhe sa hao se tletse tjhelete, o ka fumana o le morui haufinyana. Ha o ka lahlehelwa ke septjhe seo ho bolela hore o tla lahlehelwa ke kgokahanyo le …

Bala haholwanyane

Ditoro ka kadimo le kadimisano

Ha o lora o kadimme ntho e itseng ho motho e mong, ho ka bolela hore ho na le motho ya tlo o kopa thuso haufinyana. Ha e mong a kadima ho hong ho wena ho bolela hore o tlo hlonama kapa o lahlhelwe ke ho hong haufinyana.

Ditoro ka banka

Ha o lora o le ka bankeng ho bolela hore o tla futsaneha ha o sa hlokomele ditaba tsa hao tsa ditjhelete hantle.

Ditoro ka thepa ya ho aha

Ha o lora thepa ya ho aha ekang samente le ditene ho ka bolela bomadimabe. O ka ba le dikgohlano haufinyana kapa wa phoqahala ke seo bophelong bo o fang sona. Ha o lora disebediswa tsa mapolanka jwalo ka thupa, mapolanka, ho ka bolela hore o tlaba mathateng haufinyana ha o sa nke kgefu.