Dithoko tsa Bafokeng ba ha Mahase
Ke Lehowana labo Tlalane,Ke motho wa Mahase a Mpewana,Ke hasa dikgomo,Ke hasa le batho,Ke hasa le dipudungwana naheng,Ke ngwana Tau ya Matsebela,Nong ha e ntje, mmane e mpone,E tshaba ha e tla tshwehla molomo!

Ke Mokwena wa Mahaseng,Wa lepotlapotla le ja podi.Modikoloha o ja kgomo,Motho wa ha Kgakadira tsa Monyane le Morathane,Motho wa Mmamothibedi wa Kwena,E thula tse bokwana bo bonyane,E di thula e di bolaye,Hoba ntwa ha e lwane ka dikgoka feela,Le ba basese ba a e lwana.