Bakubung bana ba ipitsang Dihoja ke lekala la Barolong le Bahurutse ba neng ba dula mabopong a noka ya Molopo. Ba thehilwe ke Mabula, eo lebitso le leng la hae e leng Sehoja. Ke ka hoo Bakubung bana ba ipitsang Dihoja. Ba ana kubu. Kubu ke phoofolo e phelang metsing le lefatsheng le ommeng. Ha e hodile e boima bo pakeng tsa dikilograma tse 1 500 le 3 200, mme e kgona ho matha ka lebelo la dikilometara tse 30 ka hora.
Ba ile ba dula metheong ya sebaka seo hamorao se tsebilweng ka lebitso la Dithako, e le ntlokgolo ya Bahlaping. Maqalong a lemokgolo tsa leshome le metso e robedi ba ile ba futuhelwa ke Bataung ba Ramokgele le Bafokeng ba Dijana. Ba ile ba iphetetsa hamorao. Ka selemo sa 1810 ba ile ba haptjwa le ho metswa ke Bataung ba Moletsane.
Mabitso a batho le a dibaka hlahellang nalaneng Bakubung
- Mabitso a batho a kenyelletsa a latelang: Mabula, Tlabelo, Khakha, Mahoele, Masuengle Serame.
- A dibaka ona ke ana, hara a mang: Noka ya Molopo, Khunwane, Matsaripe, Tikoana, Lithako, Kooaneng
Diboko tsa Bakubung
Dithoko tsa diboko tsa Bakubung di kenyelletsa Mokubung, Leswetsa, Moseme, Komane, Mohlamatsane. Mahwete.
Mofokeng waha tshele
Dithoko tsa Bafokeng ba ha Tshele
O ka thabela ho bala dithooko tsa Bafokeng ba ha Tshele hona mona.😊