Nalane ea Batloung

Ho ya ka nalane e phetwang Botswana Batloung ba kgephohile ho Barolong. Sena se boela se amahanngwa ka hore ditjhabana tse ngata tsa Barolong ha di tjeka di etsisa tlou. Ditlaleho di supile hore hore Batloung ba ne ba fumaneha ka leboya ho Bapedi, mme bona ba ne ba jala kwae e ntle hahoholo eo ba neng ba hweba ka yona. Diphoofolo tsa bona, le tsona, di ne di le ntle haholo, ka dinakahadi tse tshabehang. Morena wa bona e ne e le Mokopane, mohlabani ya sebete, ya bileng a rehwa ‘Setswamadi’.

Hamorao Batloung bana ba ile ba tshela Limpopo, ba ena le Bapedi ba bang, mme ba ya aha dithabeng tsa Shoshong. Ba ile ba tsejwa ka lebitso la Bakaa. Ka mora ho haptjwa ke Bamangwato ba ile ba qhalana; ba bang ba sala Bapedi morao ho leba Leboya ha ba bang ba kgutletse Borwa-botjhabela, mme ba ipitsa Bapedi.

Sehlotshwana se seng sa Batloung se ile sa fihla Thaba-Kgolokwe, moo le ha ba amohetswe hantle, ho bileng le diqhwebeshano ka baka la ho ja ditholwana tsa pele. Ha ntwa e ba imela ba balehela tshirelletsong ya Maphuthing a Tsuane. Ba qetelletse ba hasane jwalo hara ditjhaba tsa Afrika borwa.

Batloung ba ana phoofolo e bitswang tlou. Tlou ke phoofolo e kgolo ka mmele; e holang ho fihla dilemong tse ka bang mashome a supileng. E bonolo; empa ha e halefile e kotsi.

Ba bang ba ba Batloung ke ba ha Montsho, Titi, Dipholo, Maloka,Sejake, Sekgwane Sekgobe, Phofele, jj.

Dibaka tsa bohlokwa nalaneng ya Batloung

Dibaka tsena di kenyelletsa Botswana, Soutpansberg, Shoshong, Thaba-Kgolokwe, Tsuane.

Thaba-Kgolokwe

Batloung ba fihlile Thaba-Kgolokwe e le stjhaba se seholwanyane; empa ka baka la ntwa ba fohleha, ba hasana e se e le dihlotshwana tse nyenyane. Re ka re mona ke moo matla a bona, jwalo ka setjhaba, a felletseng teng

Leave a Comment