Nalane ea Batshweneng

Batshweneng ba Kgiba ba qadile ho bonahala mabopong a noka ya Tugela. Kgiba ke mora Lekokoto, setloholo sa Ntsimane. Ka mora ho phela nakwana le Batlokwa Batshweneng bana ba ile ba fallela sebakeng se thabeng ya Kurutlele, e sebakana feela ho tloha moo Bafokeng ba Patsa ba ahileng teng.

Batshweneng ba ana tshwene. Ke phoofolo e kang motho; e fumanwang haholo dibakeng tse nang le meru. E bohlale haholo, mme e phela ka ho itshella.

Mabitso a dibaka le batho ba amanngwang le nalane ya Batshweneng

Mabitso a batho amanngwang le Batshweneng ke a kang Lekokoto, Ntsimane, Kgiba. Dibaka ha di kae. Re ka bala Noka ya Tugela, thaba ya Kurutlele. Diboko tsa Batshweneng di kenyeletsa Kgiba, Motshwene, Morure, Tsholo, Lekokoto, Pati, Ntsime.

Leave a Comment