Nalane ea Batlokwa

Batlokwa ba tswalwa ke Kgwadi, mora wa bone wa morena Tabane. O ile a tsebahala haholo lelokong la Mathulare. Ba tlohile le Bapedi, mme tseleng ba kopana le Maswazi a ileng a ba fa lebitso la Abashunto. Sethathong ba ne ba se na phoofolo eo ba ikanang ka yona. Ba ne ba ikana ka moholo wa bona, Molefe; empa he ha nako e ntse e eya ba kgetha qwabi ka baka la bohale, ho senya le ho hlola e tshollotse madi.

Karohanong ya bona le Bapedi ba ile a aroha dikoto tse pedi; ba bang ba sala Leboya le Kgwadi ha ba bang ba phaila le Molatodi ho ya fihla Wakkerstroom. Borena bo qetelletse bo fetetse ho Tsotetsi ka mora Lephatshwe le Molatodi. Motonosi a phamola borena; a leba Borwa moo a kopaneng le Basia mosikong wa maluti a Drakensberg , mabopong a noka ya Elands. Borena bo neheletsanwe jwalo ke Motonosi, Mamohlahlo, Tsotetsi, Lebasa, Nkgahle le ba bang. Bara ba Motonosi ke Montwedi le Montwetsana. Mokotjo a nyala motswalae, Monyaduwe. Eo a tswala Nthatisi, ka hoo a bitswa Mmanthatisi. Manthatisi o ne a tsebahala ka botle, empa e le mosadi wa Motlokwa ya sebete haholo. O ne a etella mabotho pele ha ho uwa ntweng, mme dintwa tsa hae kaofela o ne a di hlola.

Marena a Batlokwa:

  • Molefe
  • Molatodi
  • Lephatshwe
  • Tsotetsi
  • Motonosi
  • Montwedi
  • Mokotjo
  • Manthatisi
  • Sekonyela…

Dibaka le mabitso a bohlokwa nalaneng ya Batlokwa

Mabitso a dibaka a hlahang ka hara nalane ya Batlokwa a kenyelletsa a latelang:

Magaliesberg, Wakkerstroom, Noka ya Namahadi, Maloti a Drakensberg, Nkwe, Sefate

A batho ke ana:

Motonosi, Molefe, Tsotetsi, Sebidi, Makoro, Leteane, Nkherepe, Tabane, Kgwadi, Molatodi, Tsotetsi, Lebasa, Leloka, Selemane, Nkgahle, Pakaditha, Matowane, Montwedi, Ntlokgolo, Mokotjo, MMamare, Mothaha, Monyaduwe, Nthatisis, Manthatisi, Sekonyela, Sebidi, Sebidinyane, Makoro le ba bang.

Manthatisi

Ka mora lefu la monnae, morena Mokotjo, Manthatisi o ile a tshwarela mora hae, Sekonyela, setulong sa borena. Lebitso la hae la bongwanana ke Monyaduwe, motswala Mokotjo. O ne a le motle haholo, empa a le sebete se makatsang. Ha ho uwa ntweng o ne a etella mabotho pele.

Manthatisi o ne a sa batle ha mora hae a bolotswa ke Batlokwa ba ka nnang ba mmolaya. A mo lata mophatong ho mo isa mophatong wa Basia. Batlokwa ba sitwa ho mo hanyetsa hobane e ne e le mohlabani.

Leave a Comment