Maele le dikapolelo ka ho thusana

  • Letsoho la monna ke mokolla – Monna ha a fumana batho ba sebetsa o ye a thuse. Moo batho ba malwa kapa ba bangata ba kenyang letsoho, mosebetsi o a phethahala. Ho bolela ho thusana.
  • Matsoho a a hlatswana – Batho le botho ke ho thusana.
  • Tlou ha e hlolwe ke morwalo – Batho ha ba ikopantse ba sebetsa mmoho ba thusana ha ba hlolwe ke letho.
  • Letshwele le beta poho – Batho ha ba le bangata ba kgona ho hlola maima.
  • Kgalapa di a buseletsana – Motho ya kileng a etswa hantle ke e mong le yena o etsa jwalo. Boemo ba batho ba thusanang, le ho etsetsana botle.
  • Hlaahlela le lla ka le leng – Batho ba ba le matla ha ba kopanetse mosebetsi, ba thusana.
  • Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata- Moo batho ba ikopantseng ba hlola habobebe.
  • Marema tlou a ntswe leng – Batho ha ba ikopantse e le ngatana nngwe ha ba hlolwe ke letho.
  • Ho ema motho nokeng – Ho thusa motho ha a le tsietsing le hona hara mathata.
  • Kopano ke matla – Bommoho bo eketsa sefutho mosebetsing o kopanetsweng. Tumellano ya batho ba bangata e phethahatsa merero ya bona.
  • Bana ba kgwale ba bitsana ka melodi – Batho ba tsebanang ba a thusana.
  • Marematloua ntsweleng – Batho ha ba kopane ba sebetsa mmoho ba a thusana.
  • Bana ba monna ba ntsha sebata lefikeng – Batho ba tswalanang ba a thusana.
  • Matsohanamabedi a hlola kgobe – Ho kgothaletswa ho thusana.
  • Ho ikaha hloohwana ya seotsanyana – Ho ba lemulwana.

Leave a Comment