Maele le dikapolelo ka ho etsa ho lokileng le ho nepahetseng
Sentle ke ho boya le marumo le thebe – Ke thoholetse ho mohale kapa motho ya ileng tlhodisanong kapa tshebetsong ho kgutla a hapile kapa a tla le thuto kapa tsebo.
Ho dumella pelo – Ho etsa ntho e sa lokang.
Ho opa kgomo lenaka – Ho bua nnete e nepahetseng, e utlwahalang.
Kgopi e rahwa ke monono – Motho ya etsang ho sa lokang ka ho hloka teboho, a nyedise mothusi wa hae.
Ho kenya motho moya – Ho hlohloletsa motho e mong ho latela diketso tse ntle kapa tse mpe.
Ho inwesa ka nkgo – Ho ipatlela bonnete kapa yona nnete ya taba e itseng eo o utlwileng ho buuwa ka yona empa wena o sa e bona ka mahlo a hao.
Ho otla botsekeng – Ho bua le ho hlaha ka nnete eo e leng yona, e nepahetseng.
O ntshitse marobatlhaka – Ke ho sebeletsa bana ba lapeng mme ba tlelwa dijo mosebetsing.
Sejamonna ha se mo qete – Ha motho a sebeditse hantle a sa putswe o ntse a ikgothatsa hore ho ntse ho lokile.