- Ho fatela morao jwalo ka kgoho – Ho etsa ntho e se nang molemo. Ho hloka botsitso. Ho sebetsa ntle le tema kapa tswelopele.
- Ho suwa lerapo la puleng – Ho etsa ketso e sa thuseng ka letho, e sa feleng le ho fela.
- Ho kgitla lejwe – Ho hloka botsitso, tshepo e moyafetse, o sa tsebe o tla tswa le kae. Lebakabaka ke ho se dumellane ka ntho e itseng.
- Ho tlallwa ke naha – Ho thatafallwa haholo, o ba tebetebeng, o sa tsebe o kopanye eng le eng.