Dithoko tsa Bataung ba ha Rathulo
Ke Motaung wa ha Rathulo wa Mphethe,Sengalo sengape Mongapa Tshwana,Motaung wa ha Moletsane,Esale a phathikga Lehurutse lefikeng.
Ke Motaung wa ha Rathulo wa Mphethe,Sengalo sengape Mongapa Tshwana,Motaung wa ha Moletsane,Esale a phathikga Lehurutse lefikeng.
Ke Motaung wa Ramokgele,Lekolokotwana la Mmakobasia,Ngwana Mmamosolodi le Mokgele,Eo etlareĀ a tla meriti e thehe,Ho thehe e menyenyane ya diotlwana.O ja polokwe a sa e qete,Empa o hana sengwatho sa maobane. Kapa ho thwe Ke Motaung wa ha Ramokgele wa Mmamoholwane,Motho eo e reng ha a tla ja ho thehe meriti,Ho thehe e menyane ya …
Ke Motaung wa Sefatsa sa Tshukudu,Motho eoe reng ha a tla shwa a pongwe hlooho,A sale a kunyakunya ka mahetlana. Kapa ho thwe Ke Motaung wa Sefatsa sa Tshukudu,Ngwana Mmamokhokhothwane Ribana,Ribana ke waboMmangwejane le Peo,Ke ngwana Mmathulo le hlanola pheha,Hlanola pheha ba senno ho o bona.
Ha o ana Tau, o ana sebata,O ana phoofolo e sa jeweng,Tau apola ka mahlong re bone.Ke motho wa ha Hlalele,Motho wa Mmadifalana Kwena,Wa matshola nku e folle mokekeng,E se nna e folla difalaneng. Kapa ho thwe Ke Motaung, namane e tshehla,Ngwana lebese la kgomo,Ralepetu mora Hlalele.
Ke Motaung wa Nthethe wa Morapedi,Hlalele monna ya hlooho e kgolo,Petu le lekana molala,Morena ke Hlalele a innotshi! Kapa ho thwe Ke Motaung wa Nthethe a Morapedi,Ngwana tshesana nkope,E tla re mohla a tla shwa,A kgaolwe hlooho,A sale a nyeketha ka mahetlana,Ka pakana tsa melala,Wa Mmakatisa leloko,Tau ha e qalwe seforong,E bolaya motho!