Dithoko tsa Bafokeng ba ha Dijana

Ke Mofokeng ke Dijana,
Ke ngwana Mare,
Mare a Ntsikwe,
Le ba raretseng bana ba Mare,
Ba se na molato?
Molato wa kgomo o ka be o bolelwa,
Re mpe re o lefe,
Le ba tlatlapelang bana bana?
Le ba otlelang?
Hobane ha ba otluwe,
Ke bana ba madi a Phohole,
Ke bana ba kgarametswang,
Ha ba kgarametswe ka bokgopo,
Ba kgarametswa ka tumelo,
Molato wa bona re ka mpa ra o lefa,
Ke bana ba Pudumo,
Ba Pudumo ya Lephahla!

Kapa ho thwe

Ke Mofokeng wa ha Dijana,
Wa ha Mmamare wa ha motswakgunwana,
Wa ha Mmamare wa ha Phore.

Leave a Comment