Ke Mokwena wa Mmantsane wa Monaheng,
Wa Nkopane wa Mathunya.
Kwenana-nyane kwena di a tshaba,
Kwena ho hlapa tse potlana,
Kwena tse kgolo di a seha feela.
Kapa ho thwe
Ke Mokwena wa Monaheng
Wa Nkopane wa Mathunya
Ke modidimanyane ngwana Ramakatsa
Morapela-putswa o e rapela a sa e bone
Petsana ke ya lehowahowa Makhetha
E howa e koma komisa ditjhaba
Tsa heso tsa ha Monaheng
Makhetha ke Tau ngwana Ramakatsa.