Ditoro ka boswefe

Ebang o lora motho wa letlalo le lesweu kapa boswefe (re kopa tshwarelo ebang mantswe ana a halefisa batho ba bang), ho ka bolela ho ba lehlohonolo hobane boemo bong bo ikgethile ebile ha bo a ata. Bana ba nang le Boswefe Ebang o lora ngwana ya nang le boswefe e ka letshwao le letle …

Bala haholwanyane

Ditoro ka ho longwa

Haeba o lora o lonngwe, ho ka bolela hore ho na le ntho e tlo etsahalang haufinyana e tlo etsa o be mona. Ha e le ho longwa ke noha, e ka ba ntho e amang le dikamao tsa hao tsa lerato.

Ditoro ka phefumoloho

Ebang o lora o sa kgone ho hema, e atisa ho ba letshwao le lebe. Ho bolela hore o tla kula haufinyana. Ha o lora o hema haholo, ho ka bolela hore ho na le ntho e tla o tshosa hampe haufinyana, haholo e amang le bana ba hao ha o le motswadi.

Ditoro ka matsoho/diphaka

Ha o lora matsoho a hao a bulehile, a bile a longwa, ho ka bolela hore o tlo fumana lehlohonolo le itseng kapa yona tjhelete. Ha o lora matsoho a hao a sena matla, ho ka bolela ho imelwa bophelong kapa hona ho kula haufinyana. Ha o ka lora motho a o fokela letsoho ho …

Bala haholwanyane

Ditoro ka mokokotlo

Ha o ka lora mokokotlo wa hao o tiile, ho ka bolela hore o tlo thusa batho ba itseng. o ratang kapa o sa rate, o ba jare bophelong ba hao, jwalo ka ha eka o pepile ngwana mokokotlong. Ho lora mokokotlo ha ho atise ho ba ho tle hobane ho ka bolela ho furallwa, …

Bala haholwanyane

Ditoro ka ditedu

Ha o lora o na le ditedu tse hlahlabetseng tse ngata o le monna, ho ka bolela hore o tla atleha, o be o lehlohonolo, mohlomong o be le leruo le lengata ha o le motho ya ruileng. Ha o di lora o le mosadi ho ka bolela hore o tlaba le molekane kapa o …

Bala haholwanyane

Ditoro ka sefahleho

Ha o lora sefahleho sa hao se ruruhile, se opelwa, hoo ho ka bolela kotsi eo o tlaba ka hara yona haufinyana. Ebang sefahleho sa hao se le boreledi, se le se tle torong, hoo ho ka bolela ho tlo tuma le ho ratwa ke batho haufinyana. Ha sefahleho sa hao se sosobane, ebile se …

Bala haholwanyane