Ditoro ka Ambulense/Koloi ya bakudi

Ha o lora ambulense ke letshwao le letle le ka bolelang ho imollwa, ho fumana thuso kapa tshehetso eo o e hlokang. Ha o lora ambulense e sebetsang hantle ho bolela hore o tla hlola mathata ao o tobaneng le ona. Ha o lora o kganna ambulese ho ka bolela hore o haufinyana le ho fihlella ditoro tsa hao.

Ho fumana thuso ya ambulense

Ha o lora o thuswa ke ambulanse, ke letshwao le letle le bolelang hore o tla fumana tharollo ya mathata a hao, ho boele ho bolele hore o lebelle pholo, katleho bophelong, le ho phela bophelo bo botle, bo betere. Ha o lora ambulense e o nka ho ka bolela thuso e tswang ho Modimo kapa badimo, mabapi le maemo a mabe. Ha o lora o fumana pakana ya thuso ya pele ho tswa ambulenseng e ka ba letshwao le o hlokomedisang hore batho ba pela hao ha ba a thaba, kapa hore wena o hlokomele kelellong ya hao, mme o rarollo mathata a o bakeng kgatello ya makutlo.

Leave a Comment