Ditoro ka moroto le masepa

Ebang o lora o bona kapa o nkgelwa ke moroto kapa masepa, ho ka bolela hore ho na le motho ya o loyang. Moko o mobe haholo ho ka bolela hore boloi boo bo a sebetsa ho wena. O lokela ho ya ngakeng ya setso hore o fumane thuso. Ho lora ka masepa/makaka Ho lora …

Bala haholwanyane

Ditoro ka kotsi le temalo

Ebang o lora o le kotsing kapa o lemetse, ho ka bolela hore o lokela ho hlokomela hobane ho hobe ho ka ho hlahela haufinyana. Ha kotsi eo e kenyeleditse metsi, o ka ba le mathata a dikamo tsa lerato, mme ha e kenyeletsa motho e mong a utwileng bohloko, o ka ba le mathata …

Bala haholwanyane

Ditoro ka botholo

Ebang o lora motho a bua le wena empa ditsebe tsa hao di kwalehile, badimo ba bua lke wena. Ka nako tse ding ha o lora motho a o hoeletsa ho bolela hore ho na le motho ya hlokang thuso ya hao empa ha a kgone ho o fihlella kapa ho o thola.

Ditoro ka moriana

Ebang o lora moriana, ekaba letshwao le letle. Ha o lora meriana ya ditlamatlama, ho ka bolela hore motho eo o mo tsebang o tlo fola haufinyana. Ho ka boela ho bolela hore o tla fumana katleho bokamosong ba hao. Ha o lora dipidisi ho bolela botle, ho bolela hore o tla bolokeha leetong la …

Bala haholwanyane

Ditoro ka mamina/ sekgohlela

Ho lora mamina ho ka bolela dintho tse ntle ho bang, tse mpe ho ba bang. Ha o kula o be o lora o tswa mamina haholo, ho ka bolela hore o tlo fumana pheko kapa o fole ka pelenyana. Ha o lora o phumola nko ya hao, ho ka bolela hore o tla ikutlwa …

Bala haholwanyane

Ditoro ka bohloko / ho opa

Ha o lora mmele o tletse bohloko bo bongata, ho ka bolela hore ho na le dintho tse ntle tse tlang bokamosong ba hao, haholoholo ditabeng tsa tjhelete. Ka nako tse ding ho ka bolela hore o ka qhwala ka lebaka la tsamaiso ya madi mmeleng wa hao.

Ditoro ka boima

Ha o lora o otile kapa o ba mosesanyane, ho ka bolela hore dikgathatso di tseleng. Ho ka boela ha bolela hore o tla lahlehelwa ke tjhelete nakong e tlang. Jwale ge, o hlokomele hore o e sebedisa jwang le hore o e kadima mang. Ebang o lora o nonne, ho ka bolela hore o …

Bala haholwanyane

Ditoro ka boswefe

Ebang o lora motho wa letlalo le lesweu kapa boswefe (re kopa tshwarelo ebang mantswe ana a halefisa batho ba bang), ho ka bolela ho ba lehlohonolo hobane boemo bong bo ikgethile ebile ha bo a ata. Bana ba nang le Boswefe Ebang o lora ngwana ya nang le boswefe e ka letshwao le letle …

Bala haholwanyane