Ebang o lora motho wa letlalo le lesweu kapa boswefe (re kopa tshwarelo ebang mantswe ana a halefisa batho ba bang), ho ka bolela ho ba lehlohonolo hobane boemo bong bo ikgethile ebile ha bo a ata.
Bana ba nang le Boswefe
Ebang o lora ngwana ya nang le boswefe e ka letshwao le letle le ka hlalosang ho phola maikutlong, ho tuma kapa ho hlohonolofala ho teng bophelong. Ha o lora o beleha ngwana ya nang le boswefe ho ka bolela hore o motho ya mosa, ya ithobileng, o motho ya lehlohonolo haholo lefatsheng, mme katlehong ya hao e itshetlehile ho thuseng batho ba bang. Ho lora ngwana ya nang le boswefe ya thabileng ke letshwao le letle le ka bolelang thabo le nyakallo.
Mafahla a nang le Boswefe
Ebang o lora mafahla a mabedi a masweu/a nang le boswefe ho ka bolela hore o tlo fumana tlhohonolofatso e habedi ka tsela e makatsang. Ka nako e nngwe ho bolela ho fumana ditaba tse monate haholo ho motho eo o mo tsebang. Ka nako tse ding ho lora mafahla a nang le boswefe ho bolela menyetla e metle e ka tlang bophelong ba hao, mme o tlo lokela ho kgetha monyetla o le mong, ho etsa mohlala, ho fumana difounu tse tswang bahiring ba fapaneng ba o hlokang ka nako e le nngwe.