Ebang o lora o bona kapa o nkgelwa ke moroto kapa masepa, ho ka bolela hore ho na le motho ya o loyang. Moko o mobe haholo ho ka bolela hore boloi boo bo a sebetsa ho wena. O lokela ho ya ngakeng ya setso hore o fumane thuso.
Ho lora ka masepa/makaka
- Ho lora o nyela/kaka ho ka bolela hore badimo ba hao ba ntsha lefu le itseng mmeleng wa hao, e leng ntho eo e neng e behile bophelo ba hao kotsing, kapa o ne o le maqakabetsing mme o tlo fumana tokolo ho ona.
- Ha o lora o inyetse/kakatse ho bolelang hore ho na le motho ya o loyang ho o qabanya le moratuwa wa hao.
- Ha o lora o bona masepa – ho sa kgathaletsehe hore ke a motho kapa a ntja – ho ka bolelang hore ho na le motho ya o loyang.
- Ebang o lora o le ka ntlwaneng ho ka bolela hore ho na le batho ba lekang ho nyopisa merero ya hao, mme ba a o hlola. Ka nako tse ding toro eo e ka bolela batho ba mekgwa e mebe ba o lokelang ho tsamaella thoko le bona hore o hole semoyeng..
- Ebang o lora masepa ho ka bolela hore motho ya haufinyana le wena o imme, kapa o hlahlehetswe ke lesea pele le hlaha, mme o lokela ho hlatsuwa, mme ho be le tshebeletso ya setso bakeng sa ngwana ya hlokahetseng.
Ho lora ka moroto
- Ha o lora o rota ho ka bolela hore o hlokomele o lokela ho tsoha o rote hobane o tshwarehile. Hona ho atisa ho hlahela bana ba ntseng ba hola ba atisang ho rotela dikobo ha ba robetse.
- Ho lora o rota ka le leng ho ka bolela hore o imisitse motho kapa motho o sa ntse a imme. Ekaba ka motho e mong kapa ka wena.
- Ha o lora o ithotela, diaparo tsa hao di le metsi ho ka bolela hore ho na le motho ya o loyang, sepheo sa hae e le ho senya dikamano tsa hao tsa lerato.