Ha o lora sefahleho sa hao se ruruhile, se opelwa, hoo ho ka bolela kotsi eo o tlaba ka hara yona haufinyana. Ebang sefahleho sa hao se le boreledi, se le se tle torong, hoo ho ka bolela ho tlo tuma le ho ratwa ke batho haufinyana. Ha sefahleho sa hao se sosobane, ebile se bonahala se fokotse, o ka fumana o le mathatang haufinyana. Ebang o bona sefahleho sa hao se tshwana le sa motho e mong ha o se sheba torong moo, hoo ho ka bolela hore o tla falla haufinyana kapa o fumane mosebetsi o motjha. Ebang o lora o hlatswa sefahleho ho ka bolela hore o lokela ho kgutla mekgweng e mebe, kapa o itokise metsamao.