Ditoro ka tjhabosiu

Ha o lora o na le ditjhabosiu/dibudulwana tsa ho tjha, ho ka bolela hore o tla kula haufinyana. Ebang o lora e le motho e mong nang le ditjhabosiu, o ka fumana o tlo taboha pelo haufinyana, haholoholo ha e le moratuwa wa hao.

Ditoro ka phefumoloho

Ebang o lora o sa kgone ho hema, e atisa ho ba letshwao le lebe. Ho bolela hore o tla kula haufinyana. Ha o lora o hema haholo, ho ka bolela hore ho na le ntho e tla o tshosa hampe haufinyana, haholo e amang le bana ba hao ha o le motswadi.

Ditoro ka matsoho/diphaka

Ha o lora matsoho a hao a bulehile, a bile a longwa, ho ka bolela hore o tlo fumana lehlohonolo le itseng kapa yona tjhelete. Ha o lora matsoho a hao a sena matla, ho ka bolela ho imelwa bophelong kapa hona ho kula haufinyana. Ha o ka lora motho a o fokela letsoho ho …

Bala haholwanyane

Ditoro ka mokokotlo

Ha o ka lora mokokotlo wa hao o tiile, ho ka bolela hore o tlo thusa batho ba itseng. o ratang kapa o sa rate, o ba jare bophelong ba hao, jwalo ka ha eka o pepile ngwana mokokotlong. Ho lora mokokotlo ha ho atise ho ba ho tle hobane ho ka bolela ho furallwa, …

Bala haholwanyane

Ditoro ka dilemo

Ha o lora o le lesea le lenyenyane le sa kgoneng ho iketsetsa letho, hoo ho ka bolela hore o tlo kula haholo hoo o sa kgoneng ho iketsetsa letho, mohlomong o tla dula o bothile betheng – o okwa. Kapa o dutse setulong se tsamayang ka mabidi, o thuswa ka dintho tse ngata. Haele …

Bala haholwanyane

Ditoro ka menwana le matsoho

Ha o lora matsoho a hao a le ditshila, ho bolela hore o tlo tobana le teko e o lekang hore o etse ntho e mpe. Ha a se ditshila feela a bile a maqathela ho bolela hore o tlo qetella o kene tekong e o lekang, mme o qetelle o sotlehile ka lebaka la …

Bala haholwanyane

Ditoro ka hlooho

Ha o lora o na le hlooho e kgolo torong, ho ka bolela hore o tlo fumana lehlohonolo haufinyana. Ebang o lora ba o kgaotse hlooho, ho ka bolela hore o tla lahlehelwa ke motho ya pela pelo ya hao haufinyana. Ha o lora hlooho ya hao e le boima hoo ekang ha o kgone …

Bala haholwanyane

Ditoro ka hlooho e bohloko/opang

Ha o lora o tshwerwe ke hlooho, ke sesupo sa hore o qobe bakgotsi ha o nka diqeto. Hona ho ka etsa hore o nke diqeto tse nepahetseng tse sengang tshutshumetso e tla etsa o qetelle o entse phoso. Nengneng o ka fumana hlooho e bohloko torong e bolela hore o na le ngongoreho e …

Bala haholwanyane

Ditoro ka pelo

Ha o lora pelo ya hao, dimakamano tsa hao tsa lerato di ka fela haufinyana, mme wa utlwa bohloko haholo. Ha pelo e runyarunya haholo torong moo, o ka fumana hore ho na le ntho e tlo o tshosa habohloko eo o neng o sa e lebella hore e ka etsahala.

Ditoro ka molomo

Ha o lora molomo, mme lehano la hao le nka hampe, ho ka bolela hore batho ba sutha pela hao ka lebaka la dintho tseo o di etsang le mekgwa ya hao. Ebang o lora meno a hao, ho ka bolela hore o tlo mengwa moo ho thabisang haufinyana, empa ha o ka kgenoha ho …

Bala haholwanyane