Ha o lora o le lesea le lenyenyane le sa kgoneng ho iketsetsa letho, hoo ho ka bolela hore o tlo kula haholo hoo o sa kgoneng ho iketsetsa letho, mohlomong o tla dula o bothile betheng – o okwa. Kapa o dutse setulong se tsamayang ka mabidi, o thuswa ka dintho tse ngata. Haele motho e mong a o lorang o le monyane ho ka bolela hore o tlo sokola kapa o tobane le tsietsi.Ha o lora o le monyane empa o se lesea, o ntse o kgona ho iketsetsa boholo ba dintho, hoo ho ka bolela hore o tla bona o kgutletse morao haholo bophelong, e ka ba ka ho lahlehelwa ke se itseng kapa ho bona o se o sena tswelopelo bophelong. Ha o lora o tsofetse ho ka bolela dintho tse pedi. Ya pele, haholoholo ha o ikokotletse ka molamu kapa lere moo torong, o ka tobana le maima bophelong. Ya bobedi ha o bona moriri o moputswa, ho ka bolela ho tlo hlompheha haholo bophelong hobane moririri o moputswa o a hlontjhwa.