Ditoro ka menwana le matsoho

Ha o lora matsoho a hao a le ditshila, ho bolela hore o tlo tobana le teko e o lekang hore o etse ntho e mpe. Ha a se ditshila feela a bile a maqathela ho bolela hore o tlo qetella o kene tekong e o lekang, mme o qetelle o sotlehile ka lebaka la yona.

Ha menwanana ya hao e na le manala a matelele, ho ka bolela hore o tlo fumana kgolo kapa phunyeletso nthong e neng e o sokodiswa haholo bophelong.

Ha matsoho kapa menwana ya hao e le bohloko, ho ka etsahala hore e be o tlo lahlehelwa ke mosebetsi haufinyana. Ha o lora ho na le motho a o kgaolang menwana kapa letsoho, ho ka bolela hore o tlo lahlehelwa ke e nngwe ya dintho tseo o di sebeleditseng ka thata. Ha o lora o tlanngwe ka mahlahlelo matsohong ho ka bolela hore bothata bo a tla ho wena haufinyana.

Leave a Comment