Ditoro ka manala

Ebang o lora manala a hao, ho tla tswa ka hore a malelele kapa a makgutshwane na. Ebang o lora manala a malelele ho ka bolela lehlohonolo le hore borui bo tseleng. Ho ka ba betere ha o lora manala a mosadi kapa monna wa hao, hobane ho ka bolela ba o sebeletsa ka thata …

Bala haholwanyane

Ditoro ka mohatsela 

Ebang o hatsetse torong, ho ka bolela hore o tlo bona metswalle ya hao haufinyana bakeng sa monate. Ha o lora o hatsetse haholo o thothothomela o sa qete, ho ka bolela hore o nwa jwala haholo, mme o lokisa hore o ke o emise hanyane.

Ditoro ka maoto (legs)

Ha o lora maoto kapa magole a hao torong ha se ntho e ntle kapa e mpe. Ha o fokola, o ka ba le bomadimabe, haholoholo ha o ka wa. Ha a tiile a phetse hantle, haholoholo ha o le monna ke botle. Ha o le mosadi ho atisa ho bolela hore moona wa hao …

Bala haholwanyane

Ditoro ka maoto (feet)

Ha o lora maoto a hao a na le dikhonso le makgopo, o sa kgone ho tsamaya kapa ho le bohloko ha o tsamaya, ho ka bolela hore ha o tlo kgona ho fihlella e meng ya merero ya hao bophelong ka lebaka la ditshitiso tse tla hlaha leetong la hao la bophelo. Ha o …

Bala haholwanyane

Ditoro ka ho thunngwa

Ha o lora dithunya tse kgabolang le ho thunyana ho atisa ho bolela kgohlano, ho tshwenyeha moyeng, le ditshusumetso tse seng ntle bophelong ba hao. Ditlhokomediso Ho lora sethunya se thunya ho ka boela hore ho na le lerata hara badimo ba hao le sa thabiseng mme o lokela hore o etse mosebetsi, o hlatsuwe, …

Bala haholwanyane

Ditoro ka lenyalo

Ha o ka lora o nyala haholoholo o le monna hoo ho ka bolela bomadimabe. Ho ka bolela hore o tlo hlahelwa ke kotsi kapa lefu bophelong ba hao. Ebang e mong a kula kapa a hlaha a qhwadile torong moo ho ka bolela hore lenyalo la hao le tla hloka thabo, le be bosula. …

Bala haholwanyane

Ditoro ka mollo

Ho lora mollo kapa lelakabe, ho dumelwa e le ntho e mpe bakeng sa bokamoso ba hao. Ho ka bolela kotsi le bohlabaphio bo tlang. O ka lahlehelwa ke dintho, wa tobana le bokulo le lefu. Ha o lora o besa mollo o moholo ho bolela o tlaba le ntwa e kgolo le motho eo …

Bala haholwanyane

Ditoro ka bonono

Ebang o lora o taka ho hong, ho ka bolela hore o tlaba setaki ka letsatsi le leng. Ha o penta torong, ke letshwao le lebe, hobane lelapa leno le ka futsaneha ha nako e ntse e tsamaya.