Ha o lora maoto a hao a na le dikhonso le makgopo, o sa kgone ho tsamaya kapa ho le bohloko ha o tsamaya, ho ka bolela hore ha o tlo kgona ho fihlella e meng ya merero ya hao bophelong ka lebaka la ditshitiso tse tla hlaha leetong la hao la bophelo. Ha o ka lora maoto a hao a kgaotswe kapa o se o tsamaya ka leoto la popi kapa la polasetiki, ho tlilo mpefala bophelong ba hao, o ka bona o lahlehetswe ke boholo ba dintho kapa tsohle bokamosong ba bophelo ba hao.