Ditoro ka manala

Ebang o lora manala a hao, ho tla tswa ka hore a malelele kapa a makgutshwane na. Ebang o lora manala a malelele ho ka bolela lehlohonolo le hore borui bo tseleng. Ho ka ba betere ha o lora manala a mosadi kapa monna wa hao, hobane ho ka bolela ba o sebeletsa ka thata ebile ba a o tshehetsa. Ebang e le manala a motho e mong a malelele a ditshila ho ka bolela boloi, itlhokomele.

Ebang o lora manala a makgutshwane, ho ka bolela hore o tlo lahlehelwa ke ho hong haufinyana. Ebang a le makgutshwanyane ka lebaka la hobane o a kuta, ho ka bolela hore o tlo ba le ngangisano le e mong wa leloko haufinyana.

Leave a Comment