Ditoro ka ho thunngwa

Ha o lora dithunya tse kgabolang le ho thunyana ho atisa ho bolela kgohlano, ho tshwenyeha moyeng, le ditshusumetso tse seng ntle bophelong ba hao.

Ditlhokomediso

Ho lora sethunya se thunya ho ka boela hore ho na le lerata hara badimo ba hao le sa thabiseng mme o lokela hore o etse mosebetsi, o hlatsuwe, hobane ho ka bolela le hore ho na le motho ya o loyang. Ha o lora o thunngwa ke toro e mpe, ho ka bolela hore na le motho ya atlehang ho o loya, e re ha o tsoha o be o na le mahlaba sefubeng kapa o tshwere ke hlooho. Ho lora ba o thunya ho bolela hore ho na le batho bao o lokelang ho ba lemoha ba etsang bophelo ba hao bo be thata.

Ho phonyoha kotsi

Ho lora motho a o lelekisa ka sethunya empa o kgona ho baleha o bolokehile a sa o thunya ho ka bolela hore o tlo hlola dikgohlano tse bophelong ba hao le dintho tse mpe tseo o kopanang le tsona.

Ba bang ba thunngwa

Ho lora batho bao o sa ba tsebeng ba thunyana ho ka bolela hore ho na le batho ba phelang pela hao ba sebedisetsanang moriana ho loyana. Ho bolela hore batho bao ba tshwarelane sekgopi le makukuno.

Ebang o lora batho ba thunyana, mohlala, masole, e be o thunngwa ka phoso, ho ka bolela hore o tlo tobana le mathata kapa o dula o hlorile ka lebaka la batho ba pela hao. 

Leave a Comment