Ditoro ka lerumo (sword)

Ha o lora lerumo, ho ka bolela botle, hore mathata a hao a tla fela, mme o ka fumana tsohle tseo o di labalabelang. 

Ditoro ka lerumo (spear)

Ha o lora lerumo, ho ka bolela o hlokomele hore batho bao o ba tshepang ba seka o phelekanyetsa. Ho na le kgonahalo ya hore o ka thetswa.

Ditoro ka majwe

Ha o lora ba o betsa ka majwe, ho ka bolela hore ho na le motho ya lekang ho o loya. Ha o ka baleha, ba tla hloleha. Ebang ho na le majwe a o otlang, ba kanna ba atleha.

Ditoro ka thipa

Ho lora thipa, ho ka bolela hore ho na le motho ya o thetsang, mme o ka lwana le metswalle ya hao. Ebang o fa motho e mong thipa, o ka lemala haufinyana.

Ditoro ka sephadi

Ebang o lora sephadi, ho ka bontsha hore o tla hlonama o be le mathata bophelong ba hao. E ka ba letshwao la kgonahalo ya maima.

Ditoro ka kulo

Ha o lora kula, ho ka bolela bomadimabe le ho kulaebang o e bona feela. Empa e be katleho maratong le mahlohonolo ha e o thuntse.

Ditoro ka sethunya

Ha o lora sethunya, ho bolela hore mathata a tseleng. Ha o utlwa se kgabola, ho ka boela ho kula le ntwa bophelong ba hao haufinyana. Ha e le wena ya thunyang maemo a ka mpefala ho feta.

Ditoro ka ho thunngwa

Ha o lora dithunya tse kgabolang le ho thunyana ho atisa ho bolela kgohlano, ho tshwenyeha moyeng, le ditshusumetso tse seng ntle bophelong ba hao. Ditlhokomediso Ho lora sethunya se thunya ho ka boela hore ho na le lerata hara badimo ba hao le sa thabiseng mme o lokela hore o etse mosebetsi, o hlatsuwe, …

Bala haholwanyane