Ha o lora masapo a hao a tjhwatlehile, ho atisa ho bolela hore o tla kula ha nako e ntse e ya. Ha o lora e le maoto a robehileng ho ka bolela hore o tlo nyala motho ya fokolang. Ebang o le mosadi ho ka bolela hore o tlo nyalwa ke monna ya botswa wa letahwa, ya ke keng a kgona ho o tshehetsa le ho o sebeletsa. Ha o le monna, ho ka bolela hore mosadi wa hao e tlaba motho ya lokileng empa ya seng matla hore a ka hlokomela lelapa.