Dithoko tsa Bakolobeng / Bafula

Ke Mofula Mokolobeng,Motho wa Marasakane,Moana-kolobe,Moana-phoofolo a e ja,Malema-feela, a sa phophothe,Mmadinakana ka hanong.Ha o batla kgotso, kgotso ke nala.Ha o batla ntwa,Bona metsu qholong ka kgohlopong,Marumo ke seqhanyane sa ntwa,Hela mokola ona ke Raseqhanyane,Ke Mofula, Matsetlelana hantle.

Dithoko tsa Bakoena ba ha Mantai

Ke Mokwena,Ke motho wa Mantai wa Mapapa,Nong di mo jele wa Marabeng sokotwana,Tsa eja Ratladi Kotswana Phokeng,Tsa eja tsa siyaMahlong ho wena ho bohobolokwanaKe mora Tsholwane wa Molemo wa Tshotelo,Wa Motebang wa Napo wa MositoO na site mang?O na site Tlake,Mopeli Moholo wa Raseapara,Seapara Lome,Lome ke apere,Ha ke ya ikapesa ke apesitswe,Ke batho ka boomo,Ke …

Bala haholwanyane