Dithoko tsa Makgwakgwa a ha Mahlatsi

Ke le Lekgwakgwa la ha Mahlatsi,
Batho ba ha Mahlatsi ba kaalo ka dinaledi,
Ba kaalo ka jwang ba tshaane, molelengwane,
Ke batho ba ha Mmamphamo wa Mahasa,
Batho ba Sepharumele sa Mongalo,
Ke batho ba  ha Mmamotlhotlo o a batlwa,
Motlhotlo bosiu o ba mofubedu,
Motsheare o ba mosootho,
Batho ba ha Mahlatsi ha se ba ho ya le batho ntweng,
Ha ba ya le batho mahlare a a lala,
Ho tjha dithota, boAtanye le boKolonyama,
Diya-ha-Mahlatsi di ya ka bohlale,
Ha o ya ha Mahlatsi o ye ka bohlale,
Bona sekoti tseleng o tla wela!

Leave a Comment