Dithoko tsa Motloung wa ha Maloka
Ke Motloung wa ha Maloka,Wa Mmatlou di fula hae,Ke ho hloka badisana.
Ke Motloung wa ha Maloka,Wa Mmatlou di fula hae,Ke ho hloka badisana.
Ke Motloung wa ha Sejake,Wa Mmatsatsi, mpone,Wa Mmaditlou, di fula hae,Di hloka baalosi. Kapa ho thwe Ke Motloung wa ha Mmasejake,Wa kgomo e thokwana,Ha e tswala motsheare e a hlola,Eo mohlatla o jewang ke sebono.
Motloung wa ha Makgekge wa Sekgwane, Motloung,Ke tla thella, ke thelle ho mang?Ke tla thella ho hotsho ha Maphiri a Phirima,Bata se phoofolo, ngwana Mothetho,Ka mehla ena ka o hasa,Wa hlaba batho ka marumo,Wa re ke diphoofolo,Ka ntsha kgomo, ka romela lehodimong,Ho ntate Motloung, Sekgwane,Ke mohodi wa ho di harella dithaba,Thatolla re sa di bona,Ba …