Ke Mofula Mokolobeng,
Motho wa Marasakane,
Moana-kolobe,
Moana-phoofolo a e ja,
Malema-feela, a sa phophothe,
Mmadinakana ka hanong.
Ha o batla kgotso, kgotso ke nala.
Ha o batla ntwa,
Bona metsu qholong ka kgohlopong,
Marumo ke seqhanyane sa ntwa,
Hela mokola ona ke Raseqhanyane,
Ke Mofula, Matsetlelana hantle.