Dithoko tsa Bakolobeng / Bafula

Ke Mofula Mokolobeng,Motho wa Marasakane,Moana-kolobe,Moana-phoofolo a e ja,Malema-feela, a sa phophothe,Mmadinakana ka hanong.Ha o batla kgotso, kgotso ke nala.Ha o batla ntwa,Bona metsu qholong ka kgohlopong,Marumo ke seqhanyane sa ntwa,Hela mokola ona ke Raseqhanyane,Ke Mofula, Matsetlelana hantle.