Ditoro ka boloi

Ha o lora motho a o loya, e ka ba letshwao le letle, la hore o lebelle tse ntle bophelong ba hao haufinyana. Empa he, ho ka etsahala hore ke letshwao le lebe, e be motho eo ha o lakalletse tse ntle. Ha o lora motho eo o mo tsebang a o loya, ho ka …

Bala haholwanyane

Ditoro ka thobalano

Toro ya thobala e atisa ho ba toro e sa lokang, e bolelang meya e ditshila e o potapotileng, bophelo ba hao kapa moo o robalang teng. Hona ekaba boloi bo matla boo ba bo sebedisitseng ho o loya kapa meya e mebe e setseng moo o dulang. Jwale hore o lwantshe toro eo le …

Bala haholwanyane

Ditoro ka ho lwana / ntwa

Ha o ka lora o shapa kapa o otla motho, hoo ho ka bolela ho tlontlolleha bophelong ba hao kapa dikamanong tsa lerato. Ha o lora ho shapuwa wena, o sa itwanele, o itshireleditse feela o ka phoqahala hobane ho na le motho ya buang ka wena.

Ditoro ka biri (jwala)

Ha o lora o ritela jwala, ho ka boela hore o tla fumana moeti ya tswang hole haufinyana. Ha o nwa jwala bareng kapa thaveneng, ho ka bolela hore o tlaba le sera haufinyana.

Ditoro ka kgoho

Ha o lora dikgoho, ho ka bolela dintho tse ntle ha fela di sa tsamaye le ditsuonyana tsa tsona. Ha di le jwalo feela ho ka bolela thabo le katleho. Empa ha di tsamaya le ditsuonyana, ho ka bolela bomadimabe, ho lahlwa, le tahlehelo, mosebetsing kapa maratong. 

Ditoro ka boimana 

Ditoro tse bontshang ho ima: Batho ba bang ba ka itorela ka ho ima hwa bona empa e atisa ho ba batho ba lorelanang ba imme. Ditlhohonolofatso le Maikarabelo a Sedimo Ho na le toro eo bohle le wena le se le tseba hore o imme empa nkgono lapeng leno a be a lora bong …

Bala haholwanyane