Ha o lora tjhelete ho bolela matla ao o nang le ona ho fihlella dipheo kapa ditoro tsa hao. Dipheo tsa hao tse tsamaellanang le kelello, maikutlo le moo o batlang ho fihlella teng ho ya hore o batla ho phela bophelo bo jwang. O kgona ho nahana, ho utlwa le ho etsa tseo o ratang ho di etsa bophelong. Tjhelete e bolela matla.
Ka tsela e utlwahalang e ntle, tjhelete e bontsha dikgonahalo, matla le menyetla, le ho ba le boitshepo ba ho etsa ho hong.
Ka lehlakoreng le seng letle, tjhelete e ka bontshahatsa maemo a boima hore o ka a hlola, kapa menyetla e o fitileng. E boela e hoketswe le boikgantsho. O ka ikutlwa eka ha o na matla a ho fihlella ditabtabelo tsa hao tsa hao, mme o bone bao le hlodisanang mmoho le bona ba o hlola ka menahano le ho ba le lehlohonolo le fetang la hao.
Tse ding tsa ditoro tse tlwaelehileng tsa tjhelete di ka kenyeletsa:
- Ha o lora ka ho sebedisa tjhelete kapa o lahlehelwa ke yona, mme o hlonama, ke letshwao le lebe
- Ha o lora o fumana kapa o thola tjhelete, ho ka bolela lehlohonolo le tswelopele
- Ha o lora o fuwa tjhelete, mme o e amohela moo torong, ho ka bolela lehlohonolo le leholo le o tlelang.
- Ha o lora o fuwa tjhelete, e be ho na le motho ya o nkelang yona, ho ka bolela hore batho ba leka ho o nyatsa, le ho o nkela tseo e leng tsa hao
- Ha o lora o bokella tjhelete eo o neng o kadimane ka yona, ho ka bolela hore o tla atleha nthong eo o lekang ho e fihlella.
Ho Fumana le ho Kgola Tjhelete
Ha o lora o kgolo tjhelete e ngata, ho ka bolela mathata, haholoholo ha o na le kgwebo. O ka lahlehelwa ke ho hong haufinyana.
Ho fumana tjhelete ho ka bolela ho ithuta le ho tseba dintho tse etsang hore o dule o tsepamisitse maikutlo. Ho ka o fa matla a hore o thabe, o kgone ho etsa dintho di etsahale, o thuse le batho ba bang. Tjhelete e ka sisinya mekgwa ya hore ditshitiso di tlohe bophelong ba hao. E ka tsamellana le ho thabela menyetla e metjha, menahano e metjha, le ho fihlella tseo o di hlokang.
Ho lora o bala tjhelete ho ka tsamaellana le ho ikala matla, tokoloho kapa boitshepo. O ka hlokomela le hore diphetoho tse sa tswa etsahala di o tswela molemo na.
Lehlakore la teng le sa lokang ke hore le ha tjhelete e ka bontshahatsa matla le bokgoni ba hao, e ka etsa o be le boitshepo bo senyekgenyekge le boikgantsho, le ho se be le nnete. Ha baotho ba senang nnete kapa ba sa lokang ba na le tjhelete, ho ka bolela tshabo, mekgwa e mebe le mathata a bophelo. Ho ka bontshahatsa le mekgwa e mebe e sa laoleheng.
Ho Hapa Tjhelete
Ho lora o hapa tjhelete ho bontsha lehlohonolo. Matla a matjha le menahano e metjha e ka kenella le diphetoho tse sa lebellwang bophelong.
Ho Utswa Tjhelete
Ho lora o utswa tjhelete ho bontsha dintlha tse ntjha tseo o di nahanang kapa menyatla eo o e tsomang. Ho ka bontsha o sa kgathalle hore batho ba bang ba nahanang ka seo o se etsang.
Ho lahlehelwa kapa ho hloka tjhelete
Ho ropuwa kapa ho nkelwa tjhelete ho bontsha ho nahana dintho tse sa lokang kapa maemo a theolang boitshepo ba hao, ho hloleha ho laola maikutlo a hao, le ho etsa hore dintho di etsahale. O ka ikutlwa eka o nkelwa dintho tse bohlokwa jwalo ka matla a hao le tokoloho ya hao.
Ho lora o sena tjhelete ho bontsha maikutlo a hore o ikutlwa o se letho bophelong, o sena mabaka le molemo wa ho phela, le ho hloka matla a ho etsa seo lokelang ho se etsa.
Ho Fana ka Tjhelete
Ho lora o fana ka tjhelete o e fa batho ba bang, ho ka bontsha tshehetso ya hao ho batho bang ba hlokang haholo. Lehlakore le seng monate ke hore ho ka bolela hore o fana ka matla a hao, kapa o tshehetsa mekgwa e mebe ka ho dumella hore bothata bo eketsehe.
Tjhelete ya pampiri
Ha o lora tjhelete, ho tswa ka hore ke tjhelete e fe. Haele ya pampiri ho bolela lehlohonolo. Ha o lora tjhelete ya pampiri ho ka fana ka netefaletso ya hore o kgona ho fihlella sepheo sa hao ka bolokolohi bophelong. O kgona ho etsa eng kapa eng. Bongata ba tjhelete eo o nang le yona bo ka bolela ho ikemela ha hao le matla a hao.
Ho reka ka tjhelete ya pampiri ho bontsha ho sebedisa mawa a hlwahlwa ho fihella ditoro tsa hao kapa hona ho etsa hore ho be le tswelopele bophelong ba hao. Ho lora o fuwa tjhelete ho bolela hore diqeto le dikgetho tsa hao di o ekeletsa matla a fetang ao o neng o na le ona pele.
Tjhelete ya tshepe
- Ha o lora o fumana tjhelete ya tshepe ho bolela maikutlo a matle ka dintho tseo o di fumaneng ka lebaka la ho sebetsa ka thata, le thaba ho feta pele bophelong. Ho boela ho tsamaellana le ho rarolleng mathata a hao ha bonolo, ho ba le matla a eketsehileng le ho ikutlwa o le lehlohonolo.
- Ho bolela le ho fumana menyetla e sa tlwaelehang e itlisang bophelong ba hao, e etsang o be o makale. Ho ka tsamaellana le hore menyetla eo e neng e o fetile e kgutlile hape. Le hona ho tseba hore o tseba tse bohlokwa bophelong ba hao.
- Ho lora tjhelete e pakellane ho feta pele, e le ngata. Ho ka bolela hore o tlelwa ke mehopolo e metjha, o tlo fumana thuso le menyetla e meng.
- Ha o lora o thonaka tjhelete e le nngwe fatshe ho senola maikutlo a hao a tsitsitseng ho fihlelleng ditoro tsa hao ka morolo. Ka lehlakoreng le sa lokang, ho ka bolela hore o senya nako le menahano dinthong tseo o sa di nepeng hantle.
- Ho lora o fetolaka tjhelete ya tshepe ka bolokolohi ho ntsha ntho e neng e se molemo eo e o fetileng. Kapa ho ikutlwa o le lehlohonolo ho feta batho bang lefatsheng.
- Ho lora o bapala papadi ya hetse le theila ka tjhelete ho ka bolela ha o sa itshwara ka thata bophelong mabapi le diqeto tseo o di nkang. Ke ho dumella bophelo kapa qetello ya hao hore e o kgethele tseo o di hlokang.
Mebala ya tjhelete ya tshepe
Mebala ya tjhelete ya tshepe e na le moelelo:
- Boronze / Bosootho: Ha o lora o thonaka kapa o fuwe tjhelete e sootho / boronze, ho ka bolela hore mathata a ya tla haufinyana.
- Silivera: Ha o lora tjhelete ya silivera ho bolela lehlohonolo le hore dintho tsa hao di a kopana ka makgethe. O ka ikutlwa o le lehlohonolo ho feta pele. Monyetla kapa se makatsang se bontshang ho utlwisisa, matla le tokoloho se ka o tlela.
Ha o lora silivera, tjhelete ya selivera kapa dintho tse entsweng ka silivera, ke letshwao le letle ha o fi fumana. Ho ka bolela lehlohonolo le hore o tla thaba lenyalong. Ha hona le motho ya di nkang ho ka bolelang se fapaneng. - Kgauta: Ha o lora tjhelete ya kgauta ho bolela ka moo o bonang maemo a hao le menahano ka teng. Ho ka amana le ntho e ntjha eo o nang le yona kapa menyetla e metjha eo o e fumaneng. E ba thabo e kgolo ho tseba hore o na le matla le tokoloho ya ho etsa tsohle bophelong ba hao.
Ha o bona motho e mong a tshwere tjhelete ya kgauta ho bolela hore wena kapa yena motho eo o thabile o thabetse ho fumana tokoloho le bokgoni ba ho kgetha seo a se ratang. Ho bona batho ba kgohlahetseng ba tswhere tjhelete ya kgauta ho bolela dintho tse sa lokang. Ekaba mathata a o tshosang kapa a phoqang. O ka fumana o sena matla empa motho e mong a o feta ka menahano le ka maemo.
Ha o lora kgauta, ke letshwao le lebe le lepang tshotleho bokamosong ba hao. Ha o lora moratuwa wa hao ka kgauta, ke bobe, mme le ka madimabe mmoho. Hlokomela hore toro ena, haholoholo ha o le motho ya sebetsang.