Ditoro ka boimana 

Ditoro tse bontshang ho ima:

  • Ha o lora o ja ditholwana tse fapaneng, ho ka bolela hore e mong wa leloko kapa motswalle wa hao o imme.
  • Ha o lora o ja tholwana e itseng ho ka bolela hore wena o imme kapa o tlo ima.
  • Ebang o lora o sesa ka metsing a ditshila kapa a seretse, mme o kganngwa ho ka bolela hore o mmelengt.
  • Ha o ka lora tweba e kena ka tlung, ho ka bolela hore e mong kapa wena o imme.
  • Ha o ka lora o imme, ho bolela hore o tlaba le mafahla ka letsatsi le leng, haholoholo ha toro eo e ka ipheta. 

Batho ba bang ba ka itorela ka ho ima hwa bona empa e atisa ho ba batho ba lorelanang ba imme.

Ditlhohonolofatso le Maikarabelo a Sedimo

Ho na le toro eo bohle le wena le se le tseba hore o imme empa nkgono lapeng leno a be a lora bong ba ngwana wa hao. Tumelo ya toro eo ke hore ngwana eo ke tlhohonolofatso ho tswa ho badimo. Empa o ka fumana bothata bo hlaha ha ngwana a se a hlahile, a kula kgafetsa. Haholoholo ha ba habo ntate wa hae ba eso patale molato. Ngwana a ka qetelletse a qhwadile. Wena jwalo ka motswadi wa ngwana, o lokela ho leboha hobane ke lehlohonolo le leholo. Pele ngwana a bonwa ho na le dintho tse lokelwang ho etswa jwalo ka ho ritela jwala le ho pheha dikahare tsa phoofolo, pele baahisane ba ka tla ba tlo bona ngwana.

Ho an le ditoro tseo re tsebang hore ha o di lora ho na le dintho tseo o lokelang ho di qoba hore dintho tse mpe di seka etsahala, tsa ipheta hape. Empa ditoro tsa tswalo le tsa lefu ha di qobehe ha bonolo. Empa o hopole hore ho hopola seo o se lorileng ho bohlokwa haholo hobane ho ka o thusa.

Ho lora ho Ima ha ba Bang

Ha o lora e mong a imme, ho ka bolela hore ho na le ntho kapa dintho tseo eleng tsa hao empa di le matsohong a motho e mong. Empa dintho tseo haufinyana di tla ba ho eo di tshwanelang hore di be ho yena. Ekaba mafa kapa ntho e lahlehileng kgale. Ho ka etsahala e be mosebetsi moo o tejetsweng ho sa latelwa molao, e be mosebetsi oo o kgutlisetswa ho wena.     

Leave a Comment