Ditoro ka thobalano

Toro ya thobala e atisa ho ba toro e sa lokang, e bolelang meya e ditshila e o potapotileng, bophelo ba hao kapa moo o robalang teng. Hona ekaba boloi bo matla boo ba bo sebedisitseng ho o loya kapa meya e mebe e setseng moo o dulang. Jwale hore o lwantshe toro eo le ho lokisa mathata ao, haholoholo ha e iphetha, ke ho sebedisa tumelo ya hao. Ekaba ka thuso ya dingaka tsa setso kapa ka dithapelo ho Modimo.

Empa ho lokelwa ho hlokomela hore ha toro e eba teng o le moshamane kapa ngwanana ya tla hola e be monna kapa mosadi, ke toro e bolelang ho hola hobane o fumana sehlohlolo (ho rota lero la bong) sa thobalano pele o tsoha. Ke ka tsela eo o hlokomelang hore o na le bokgoni ba ho etsa bana, mme o be motswa ha o se o le moholo.

Leave a Comment