Ho bohlokwa haholo ho tseba hore toro eo o e lorileng e bolelang. Kgafetsa toro e lepa ntho eo e leng hona e tlo etsahala. Ditoro di atisa ho fana ka melaetsa e tswang ho badimo. Ho lora ditoro tse mpe nako le nako ho bolela le ho lepa kotsi. Ho na le tumelo e tiileng e reng ha o phethisa tseo badimo ba o jwetsang tsona o tla atelwa ke mahlohonolo ka nako tsohle, mme ba tla o sireletsa. Ha o se o phethisitse ditaelo tsa badimo o lokela ho bona ditholwana tsa tlholo bophelong ba hao.
- Ha o lora o lwana le monna wa ausi wa hao kapa a o tonosetsa ho bolela hore o a o loya. Empa ha o ka lora o mo lwantsha ho fihlela a wa o mo hlola ho bolela tlholo le katleho. Ebile boloi ba hae ha bo sa tla sebetsa ho wena.
- Ha o lora o lwana le motho toro e atisa ho itshetleha hore o ne o lwana le monna kapa le mosadi na. Ha o le monna o be o hlolwa ke mosadi, kapa o le mosadi o be o hlolwa ke monna ho bolela o lwana le phoofolo ya semoya, mme semelo sa yona ha se tshwane le sa hao. Empa ha o lora o hlola motho eo, o se o ntse o mo hlotse le bophelong ba nnete. Batho ba bang ba ba lehlohonolo la hore ba bone phoofolo eo ba lwanang le yona ha ba ntse ba e lwantsha. E a fetoha e bontshe sebopeho sa motho a e rommeng. O ka hlola ditoro tse jwalo ka ho sebedisa moriana wa setso kapa thapelo ha e le motho wa thapelo.
- Ha o lora ntlo e ahwang ka lepotlapotla kapa e seng e ahilwe ho ka bolela hore motho e mong o tlo kula. Ha o ka kgona ho e diha kapa wa e otla ka sesebediswa o tlabe o hlotse, o hlotse le ho kula hoo.
- Ha o ka lora dintho tsa hao di lahlehile kapa di utsitswe o ne o ntse o di tshwere ka letsohong hoo ho ka bolela lehlohonolo. Ka le leng o ka lora o lahlehelwa ke le leng la masale a hao, kapa dikonopo tsa seaparo sa hao. Ha o ka lora o di fumana, kapa ho hlaha lentswe le reng, “Dintho tsa hao ke tsena.” O tsebe o tlabe o hlotse.
- O ka lora motho e mong a sa bapanye mahlo le wena kapa a o etsa dintho tse mpe. O ka lora motho eo a o jwetsa hore o tsamaya ngaka, o a o loya, a tshwarehile, o tsebe o tlabe o mo hlotse.
- Ha o ka lora motho a ratana le moratuwa wa hao, a bile eka o bapala le wena torong moo o tsebe o a o loya. Ha o ka mo lwantsha ho fihlela a wa, a kgathala, o tsebe o tlabe o mo hlotse, mme moriana wa hae o ke ke wa hlola o sebetsa.