Ditoro ka dieta

Dieta tse ntjha Ha o lora o rwetse dieta tse ntjha, mohlomong o le ka lebenkeleng la dieta kapa o di rwala o le lapeng, ho bolela hore o tla fumana tlhompho le tlotla ho tswa bathong ba bang, le tswelopele bophelong ba hao e tla bonahala. Dieta tse tabohileng Dieta tse tabohileng, tse marantha, …

Bala haholwanyane

Ditoro ka dijo

Ho lora dijo ho na le meelelo e mengata, mme ho itshetlehile ho seo o se etsang ka dijo tseo.  Ho reka dijo Ha o lora ka ho reka dijo ho ka bolela hore o tla fumana ho hong haufinyana, haholoholo ha e le dijo tse seng di ntse di phehilwe. Ho ja dijo Ha …

Bala haholwanyane

Ditoro ka dikgomo

Ha o lora dikgomo kapa manamane, moelelo wa tsona o itshetlehile tabeng ya hore di taolong ya hao kapa tjhe. Ha o di bona makgulong, kapa o di disitse, ho ka bolela katleho bophelong ba hao. Empa ha di o lelekisa, ho ka bolela hore dira tsa hao di leka ho o loya, mme di …

Bala haholwanyane

Ditoro ka moriri

Ho lora ka moriri ho ka bolela dintho tse ngata. O ka fumana o lora ka moriri wa hao kapa wa motho e mong. Ebang o ka lora ka moriri wa hao, o ka iphumana o le maratong haufinyana, empa o fumane hore motho eo o dimakanong tsa lerato le motho e mong hape.  Setaele …

Bala haholwanyane

Ditoro ka koloi

Ha o lora o le mopalami ka koloing e jahileng, e manollwa e le letshwao le letle la katleho le lehlohonolo. Empa ha e le wena ya kgannang koloi ho ka bontsha ho tlo lahlehelwa ke tjhelete ha nako e ntse e tsamaya. 

Ditoro ka mahe

Ha o lora mahe, ho ka bolela hore o tla atleha sekolong kapa mosebetsing. Haeba mahe a bodile ho ka bolela mathata bophelong ba hao. Ha mahe ao a sena bothata ho ka bolela hore o tla atleha bophelong ba hao.